MATSHWAO: 70
NAKO: dihora tse 2
Pampiri ena e na le maqephe a 10.
PAMPIRI YA 1 (P1)
KEREITE YA 12
DITAELO HO MOHLAHLOBUWA
Pampiri ena e arotswe dikarolo tse tharo:
KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO 
KAROLO YA B: KGUTSUFATSO 
KAROLO YA C: THUTAPUO LE TSHEBEDISO YA PUO 
Araba dipotso TSOHLE.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo e nepahetseng.
KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO
POTSO YA 1
Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala tema e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa yona.
TEMA YA 1
Bala tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
Morena Mokwena o bolella mora wa hae Mosiuwa hore o lokela ho ya lebollong mme a re: 'Lebollo ke moetlo. Setjhaba se seng le se seng se na le meetlo ya sona. Ke sekolo sa mehleng ya bontatarona, sekolo se ba entseng batho. Ha o le motona o rutwa tsa botona setjhabeng sa heno. Taba ya bobedi ke ho re lebollo le na le makunutu a lona ao o tlang ho a tseba. Ho tseba ho boloka lekunutu ke e nngwe ya ditaba tsa bohlokwa. Motho ya sa tsebeng ho boloka makunutu ha a phethahala. Ha ho mosebetsi wa bohlokwa oo a ka o tshepelwang.
Ntlha ya boraro ke ho re o lokisetswa nako ya bonna lebollong o tle o phele ha monate le molekane wa hao. Hangata malapa a qhalehang ke a batho ba nyalanang ba sa bolla. Ha ke rate ho bona o hlahelwa ke ntho e jwalo.' Karabo ya Mosiuwa ya eba e kgotsofatsang le ho thabisa batswadi ba hae. A ba bolella hore le yena o na le takatso ya ho ya lebollong, sekolong sa Basotho. A ke a iphumanele hore na tsa teng ke dife.
Nako ya ho tswa mophatong ha bashemane ke nako ya mekete. Ba a feheletsana. Ba a ithoka. Ba etsa makotompi le mangae. Bokgeleke ho ba nang le bona bo a hlahela. Meduduetsane, bokgeleke ba basadi ba Basotho, e a tlola. Meketeng ena ya ho feheletsana, bashemane ba a phehelwa. Dinama le majwala ke tsona dijo tse kgolo. Nakong eo bashemane ba batle ebile ba tlotsitse letsoku. Ba bitswa makolwane.
Ha nako ya ho re ho uwe habo Mosiuwa e fihla, motse kaofela o a sisinyeha, o a phethesela. Dikgomo tse pedi tsa wa. Makolwane a fihla motseng ha ho shwalana. Ba fihla pina ba e dumella tlase. Ba fihlela kgotla ka moetlo le tshwanelo. Tsa tsatsi leo tsa qaleha. Setjhaba se ne se thabetse ho bona ngwana wa bona, morena wa bona wa ka moso. O kae? O kae? Ena ya eba yona potso e botswang ke ba bangata.
Ha nako ya hae ya ho ema e fihlile, Mosiuwa a ikutlwa a le tsietsing. A ba hara thabo e kgolo. Thabo e tlelang motho ya tsebang hantle o phethile ka bokgabane thomo eo a neng a e tshepetswe. Ka nqe nngwe a fihlelwa ke ho hlomoha hoo a sa ho tsebeng moo ho tswang teng. A ikutlwa a hlomoha ha a bona mmae, a bona bang ka yena, a bona batho bohle ba motse wa habo esita le metsana e ka mathoko.
Thabo le ho hlomoha tsa etsa motswako o mobe, o sa rateheng. Tsa lwantshana, tsa mmeha tsietsing ke hona. Ntho e nngwe e ileng ya mmeha tsietsing e bile sekgahla seo tsohle di etsahetseng ka sona. Mosiuwa a iphumana a tshwana le moahlodi ya tshwanelang ho diha nyewe eo a qetileng matsatsitsatsi a ntse a e mamela, mme jwale ho fihle nako ya ho re a bale kahlolo ya hae hobane le ho ngolwa e se e ngotswe. A ikutlwa a tsieleha ho e bala ka lebaka la seo e se bolelang.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya Nketjwane o shweletse mohloding, SP Thakhisi, 1991:20, 21
DIPOTSO:
Tema ena e itshetlehile hodima taba e itseng. Nehelana ka sehlooho sa yona ho ya ka kutlwisiso ya hao ya ditaba tsa yona.
Setjhaba seo ho buuwang ka sona temeng e ka hodimo ke sefe?
Qotsa lentswe temeng le bolelang bahlankana ba sa tswa tswa lebollong.
Bolela sejo se le seng ho tse jewang mohla mokete wa mokolwane.
Seratswaneng sa bone, mongodi o re: 'motse kaofela wa sisinyeha.' Mokgabisopuo oo mongodi a o sebedisitseng o bitswa eng?
Ha ho thwe 'dikgomo tsa wa' ho bolelwa eng?
Na Mosiuwa o ile a ba lekgonono ho ya lebollong? Tshehetsa karabo ya hao.
Seratswaneng sa bobedi, mongodi o bolela ho re 'Hangata malapa a qhalanang ke a batho ba nyalaneng ba sa bolla'. Na taba ee ke ntlha kapa ke mohopolo feela? Tshehetsa karabo ya hao.
Ho ya ka ditaba tsa tema, na motho ya lokelang ho bolla o lokela hore a be a se a nyetse? Tiisa karabo ya hao.
Ho ya ka ditaba tsa tema ee e ka hodimo, na Mosiuwa ke mohlahlami boreneng? Tshehetsa karabo ya hao.
Mongodi o sebedisa maelana/sekapolelo sena: 'ho diha nyewe'. Maelana ana a bolelang?
TEMA YA 2
Boha tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
PAPATSO
Ao ke Mabele a Purity Lesheleshele la bana ba kwenneng!!!!
Fepa ngwana wa hao mabele a Purity hore a hole a kwenne e le poropotlwana. Mabele a Purity a tletse matla, a thumisehile e bile a sileha ha bobebe ka mpeng. A matlafaditswe ka divithamini tsa A, B, C mmoho le seleniamo, zinki, tshepe le khalesiamo. E se neng ngwana wa hao e tla be e le seponono se dikoti marameng. Le teng e seng hoo feela a bile a le mesifa e matlahadi.
PURITY! DITSEBI PHEPONG YA BANA!!!!
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa makasineng wa Bona wa Pudungwana 2005
Ho thwe 'e se neng ngwana ya jang mabele ana a Purity e tla be e le seponono se dikoti marameng'. 'E se neng' e ka akanngwa e le nako e kae?
Sehlahiswa se bapatswang se hlahiswa ke bahlahisi bafe?
Papatso ena e reretswe baamohedi bafe ba ditaba?
Motho wa bohlokwa papatsong mona ke mang? Hobaneng ha o realo?
Ho ya ka tema ee motho a ka nka nako e kae ha a pheha mabele aa a Purity? Hobaneng ha o realo?
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: KGUTSUFATSO
POTSO YA 2
Bala ditaba tsa tema e latelang, e be o di kgutsufatsa ka mantswe a hao a ka bang 80 ho isa ho a 90 ka dintlha tse supileng tse fupereng mehopolo ya sehlooho e nyalanang le tema. Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya kgutsufatso ya hao.
Ketso ena ya moshemane enwa ya boela ya mo hopotsa tsa titjhere Phankga. A ellelwa hore nako ya ha motho a le sekolong ka nqe nngwe e thata hobane motho o kopana le batho ba mefuta e mengata. O kopana le batho ba tswang dibakeng tse arohaneng, ba tswang malapeng a fapaneng; ba fumanengdikgodiso tse fapaneng. Ba bang ke ba hodisitsweng ka dikgalemelo tse matla, tse thata ka nako le nako. Ba bang ba kgalemetswe le ha e se ka thatathata. Ba bang mohlomong ba bile le bomadimabe ba ho hlokahallwa ke batswadi ba sa le banyenyane, ba hola e le dikgutsanakgudu, mme ba hodiswa ke batho ba nnileng ba ba bokotsa ba hana ho otlolla thupa e sa le metsi. Seo e leng sa bohlokwa ke ho re motho a itsebe seo a leng sona. A hlake hodima sepheo seo sekolo se se emetseng, se se phehellang. A hlokomele metswalle e mo kgelosang.
Motheo ke ntho ya bohlokwa ha re haha matlo ao re phelang ho wona. Ka mokgwa o tshwanang, bophelong ba motho, motheo ke ntho ya bohlokwahadi. Thuto ya pele ke ya ka lapeng. Diketso tsa batswadi tseo ngwana a di bonang kapa dipuo tsa bona tseo a di utlwang, di na le tshwaetso e kgolo bophelong ba ngwana ya holang. Ha a le dilemo di tsheletseng mme a qala ho ya sekolong sa mathomo, lelapa le lokela hore le be le se le mo rutile tlhompho, bohlweki moaparong ekasitana le dipuong.
Ha ngwana a qadile ho kena sekolo, lelapa ha le ikgirolle, le ntse le tswela pele ka boikarabelo ba lona. Batswadi ba ngwana, komiti ya sekolo kapa ya batswadi le matitjhere, ba etsa selei se ntlha di tharo. Selei se tshwanelang ho tataisa ngwana bophelong ba hae ba nako ya sekolo, le boikokobetsong ba hae ba bophelo ba ka morao ho sekolo. Mosebetsi wa sekolo se phahameng o a thatafala ha motheo o sa ba motle malapeng kapa dikolong tsa mathomo.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya Nketjwane o shweletse mohloding, SP Thakhisi, 1996: 40 - 41
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: THUTAPUO LE TSHEBEDISO YA PUO
POTSO YA 3
Bala tema ena o be o arabe dipotso tse e latelang.
Ha a qeta mantswe ao, a tadima ka ho Mmateboho, mme bohle ba tadima ka ho yena le bona. Mosadi wa batho, botshwana ba hae bo ne bo se bo fifetse ke ho lla, mahlo a ruruhile, mme a le mafubedu tlere! A thola, a sa tsebe hore na o tla reng. Basadi ba Bafokeng pelo di ntse di tlolatlola ke thabo. Mosadi wa batho a apesitswe kobo, hara motjheso o mokaalo.
Mmateboho, na o ntse o utlwa hore rangwanao o bua le wena?'' Ho botsa monnae, le yena a se a sa ipatle ke ho tatela ho utlwa taba tsa mosadi enwa ya tswa patwa. Mmateboho a thola, a ntse a shebile fatshe, a sa utlwe le hantle hore na ho ntse ho thweng. ''Na o ntse a butse ditsebe, Mme?'' Ho botsa monnae hape, lentswe eka le batla ho phahama. Ha hlokahala molomo ho mohatsae, a itholela a re tu! ngwana batho, kgutsana ya Lekgolokwe hara Bafokeng ba le kaalo.
Bontate le tla ntshwarela ha ke kena ditaba tsa lona ka sehlotho.'' Ho realo mohatsa Lesole. ''Ke a tseba hore hantlentle ke ne ke sa tshwanela ho ba teng mona, hoba ha ke wa Bafokeng, esita le ka kgomo.'' Bohle ba tadima ka ho yena, e le ha ba ne ba maketse le ho tloha qalong hore mosadi enwa, ya seng a bua jwale, o batlang phuthehong ya Bafokeng. Lesole le yena a batla a tshoha hanyenyane, hobane o ne a sa lebella hore yena le mohatsae ba ka ntsha mantswe kopanong ena. Empa ka ha e le mona a se a qadile, a tseba hore ha a ka re o leka ho mo kwala molomo, o tla be a bakile moferefere, hobane o ne a sa tshabe ho bua ha a batla ho bua, ho mang kapa mang.
Ke utlwa fuba sena sa ka se tlallana hoo ke bonang hore ha nka kwala molomo, se tla qhoma.'' A bua a ba tonetse mahlo, a pota ntlo ena kaofela, a ba a fihla a manama ho rangwane. ''Potso ena eo le e botsang ausi Mmateboho, ke eo nna nka e arabang. Pele ke e araba, ke rata ho bua seo mahlo a ka a se bonang, le seo tsebe tsa ka di se utlwileng haesale Bafokeng ba fihla mona.'' A kgutsa a thetha sehohlola, yaba Lesole o a utlwa hore jwale mohatsae o halefile, mme ha a le tjena ekakgona a tlohelwe a ntshe maikutlo a hae.
Ke itsalo hobane ke utlwa hore potso ena e botswa ka moya o tletseng dikaqa, o mobe, o tletseng lehloyo. Haesale Bafokeng ba fihla mona ke se ke utlwile puo tsa bona tse ngata, tse babang, ka enwa kgaitsedi ya monna wa ka, ausi Mmateboho. Le potso ena e botswa ka wona moya ona o mobe oo esaleng o foka ka lapeng lena ho tloha ha le fihla. Ka hoo ke batla hore ke arabe potso ena, mme haeba ho sa tla ba le potso tse ding, nka thaba haholo ha di ka lebiswa ho nna, hobane ke nna ya ka arabang tsohle ka Mme, e leng yena mosadi enwa eo re tswa mmoloka kajeno, eo lona Bafokeng le llang ka yena, eka o le senyeditse.''
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya NP Maake, (1995:101) Mme
Lentswe lena, 'botshwana' le supa botshehadi polelong ena, ''Mosadi wa batho, botshwana ba hae bo ne bo fifitse ke ho lla ...'' Nehelana ka mebala e supang botshehadi ba mantswe a ntshofaditsweng dipolelong tse latelang. Ngola karabo feela.
Kgomo ya selelekela ya bohadi ba Mmateboho e ne e le phatswa tjena.
Kgomo ya selelekela e ne e setswe morao ke e tolodi tjena, e nonneng ya Leforekannere.
Polelo ena, ''... hoba ha ke wa Bafokeng ...'' e kganyetsong. Ngola dipolelo tsena tse latelang temekisong ya kganyetso/tatolo.
Lesole le yena a batla a tshoha hanyenyane.
Ha a le tjena ekakgona a tlohellwe a ntshe maikutlo a hae.
Ngola dipolelo tse latelang hape, empa o fetolele kutu ya lekgethi e ka masakaneng sebopehong se nepahetseng.
O ne a apere mose o tsamayang o na le dibato (-sootho).
Polelo ena e latelang ke puo ya mmui, mme e qotsitswe jwalo ka ha sebui se ne se e bua. E bale e be o e ngola puopehelong.
Ke utlwa fuba sena sa ka se tlallana hoo ke bonang hore ha nka kwala molomo, se tla qhoma.'' Mohatsa Lesole a bua a ba tonetse mahlo.
Qala polelo ya hao ka mantswe ana: Mohatsa Lesole a bua ...
Nehelana ka lelatodi la lentswe le ntshofaditsweng dipolelong tsena tse latelang, e be o sebedisa lelatodi le leng le leng polelong eo o iketseditseng yona.
Le potso ena e botswa ka wona moya ona o mobe oo esaleng o foka ka lapeng lena.
Mosadi wa batho a apesitswe kobo, hara motjheso o mokaalo.
Lentswe 'sehlotho' le bolela moriri o moholo hloohong ya motho. Nehelana ka lentswe le le leng bakeng sa sehlotshwana sa mantswe a ntshofaditsweng dipolelong tse latelang:
Mmateboho o ne a keleketlisa metsi a tsholohang mahlong ha a hlongwa dipotso.
Mosadi enwa ya buang o batlang moo Bafokeng ba kopaneng ka bongata teng.
Hlopholla polelomararane e latelang ho ya ka dipolelwana tseo ho nehelanweng ka tsona mona ka tlase.
Mosadi ya neng a botswa dipotso phuthehong eo ya Bafokeng o ne a lla ha bohloko.
Polelwanakutu
Polelwanakgethi
Leetsi polelong ena, 'Potso ena e botswa ka moya o tletseng dikaqa' le sebopehong sa boetsuwa. Fetolela leetsi sebopehong sa boetsuwa dipolelong tse latelang. Qala polelo e nngwe le e nngwe ka lentswe le ntshofaditsweng.
Mohatsa Lesole ha a tshabe phutheho ya Bafokeng.
Polelong e latelang ho na le tshebediso e fosahetseng ya lehokedi. E badisise e be o e ngola botjha o se o lokisitse phoso eo ya lehokedi. Sehella lehokedi leo o le lokisitseng mola.
Bohle ba neng ba le phuthehong eo, ntle le Mohatsa Lesole, a dumela hore Mmateboho a botswe.
Bala polelo ena e latelang e be o araba dipotso tse thehilweng hodima yona.
Mosadi wa batho, botshwana ba hae bo ne bo se bo fifetse ke ho lla.''
E ngole ho lekgathe letlang.
E ngole ho sekaokgoneho.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
MATSHWAO A PAMPIRI ENA YOHLE:
